|
SOTHO
DITOKELO tsa bana
NGWANA KE MANG?
Ngwana ke motho ofe kapa ofe ya ka tlase
ho dilemo tse 18.
Molao o ka sehloohong wa Afrika Borwa,
eleng Molao wa Motheo, o fana ka tiisetso ya hore batho bohle ba ka tlase
ho dilemo tse 18 ba na le ditokelo tsa bana. Ka hoo, bana bohle ba Afrika
Borwa , ho akaretswa le ba dinaha tse ding, ba na le ditokelo.
KE DITOKELO DIFE TSEO BANA BA NANG LE
TSONA?
- Bana ba na le ditokelo tsa ho ba bana.
- Bana ba na le ditokelo tsa ho
hlokomelwa ke batswadi ba bona, ba malapa a bona le bahlokomedi.
- Bana ba na le ditokelo tsa ho ba le
dijo tse ekaneng hore ba dule ba phetse ba shahlile.
- Bana ba na le ditokelo tsa ho fumana
tlhokomelo e tswileng matsoho ya bophelo ha ba kula.
- Bana ba na le ditokelo tsa ho
sireletswa dikotsing, ho ba le sebaka sa bodulo le ho bolokeha.
- Bana ba na le ditokelo tsa ho fumana
thuto.
- Bana ba qhwadileng ba na le ditokelo
tsa ho fumana tlhokomelo e ikgethang.
- Bana ba na le ditokelo tsa ho ipuella
mme ba mamelwe.
BANA BA NA LE DITOKELO TSA HO
SIRELETSWA.
- Mmuso ho akaretswa le SAPS, ba
tshwanela ho etsa eng kapa eng ho sireletsa bana ho batho, ho akaretswa
le ho batswadi ba bona ba ba utlwisang bohloko.
- Mmuso o tshwanetse ho thusa
tshireletsong ya bana ho mefuta yohle ya tshohlo mmeleng le kelellong,
kotsing kapa tlhekefetsong.
- Bana ba mathateng kgahlanong le molao
ba na le tokelo ya ho fumana tlhokomelo e ikgethang.
- Bana ba na le ditokelo tsa ho
sireletswa maemong ao ho bang le qhwebeshano ho hlometswe.
- Bana ba na le ditokelo tsa ho
sireletswa kgahlanong le ho se kgathallwe, tshotlo, ho otlwa ke batswadi
ba bona le bahlokomedi ba bona.
- Bana ba na le tokelo ya ho bapala mme
ba se ke ba etsiswa mesebetsi ya batho ba hodileng; ho sireletswa
kgahlanong le ho sebediswa ha bana - le ho qobellwa ho sebetsa bakeng sa
ho etsa ditjhelete bakeng sa batho ba bang.
- Bana ba na le ditokelo tsa ho
sireletswa kgahlanong le mefuta yohle ya ho hlekefetsa ka thobalano le
ya ho sotlwa ka thobalano.
- Bana ba na le ditokelo tsa ho
sireletswa kgahlanong le dintho tse kotsi le dithethefatsi. Bana ba
Tshwanetse ho sireletswa kgahlanong le ho sebediswa ho etsa kapa ho
hweba ka dithethefatsi.
TLHEKEFETSO YA NGWANA KE ENG?
Tlhekefetso ka thobalano
- Ho qobella ngwana ho o ama.
- Ho bontsha ngwana thepa ya batho ba
lepona (pornographic material).
- Ho ama ngwana moo a sa batleng ho
angwa teng ha ho sa tshwanela.
Ho hlekefetswa mmeleng
- Ho otla kapa ho utlwisa ngwana bohloko
- kapa ho ntshetsa malokobe a hao ho yena.
Ho hlekefetswa moyeng
- Ho nyatsa, ho tshosa kapa ho omanya
ngwana.
Ho se hlokomelwe
- Ho se hlokomelwe hantle ha ngwana,
mohlala ho se mo hlwekisi, ho mo apesa diphahlo kapa ho se mo fepe.
BANA BA NA LE DITOKELO TSA HO
HLOKOMELWA MME BA BOLOKEHE
- Bana ba atisa ho tseba bao ba ba
hlekefetsang. Bona e ka ba batho ba sebedisang maemo a bona ka tsela e
sa lokang ka ho hlekefetsa bana empa e le bona ba tshwanetseng ho ba
sireletsa. e ka nna ya ba batswadi ba hae, ditho tse ding tsa lelapa,
metswalle kapa baahisani. le ha ho le jwalo, hona ha ho bolele hore
bohle leng ba maemong a tshepahalang ke bona ba hlekefetsang bana.
- Bana ha ba sireletseha, haholoholo
mafelong a beke le matsatsing a phomolo ha ba le bang mahabobona.
- Batswadi kapa bahlokomedi ba
tshwanetse ho tseba hore bana ba bona ba hokae ebile ba na le bo mang.
- Batswadi kapa bahlokomedi ba
tshwanetse ho etsa tsohle molemong wa ngwana.
- Tshireletso ya bana e qala lapeng ka
ditho tsa lelapa.
MORALO WA TSHIRELETSO YA BANA
Tsebisa motho e mong:
- Haeba o tshohile tsebisa motho e mong
eo o mo tshepang.
- O se ke wa dumella tlhekefetso hore e
be sephiri sa hao le ya o hlekefetsang.
- Haeba motho e mong a se a kile a o
hlekefetsa, o se ke wa mo sireletsa - itshireletse- tlaleha ketsahalo eo.
- Haeba ho se ya o kgolwang, tsebisa
motho e mong hape. Eya kliliniking mme o tsebise mooki, mme yena o
tshwanetse ho nka mehato e itseng. O ka tlaleha tlhekefetso seteisheneng
sa maponesa, kapa titjhere eo o e tshepang hore eo thuse ho tlaleha taba
eo. Hape o ka letsetsa nomorong ena ya mahala ya Childline e leng
0800 05 55 55.
Tswelapele ho tsebisa batho hore ho
etsahetse eng ho fihlela ho ba le motho ya o kgolwang mme a nka mehato ya
ho o sireletsa
FADIMEHA, O BOLOKEHE
- Tseba ka ditokelo tsa hao jwalo ka
ngwana.
- O na le tokelo ya ho re TJHE ho motho
ofe kapa ofe ya ho etsang ho hong kapa ya buwang dintho tseo o nahanang
hore di fosahetse (le ha e le batswadi ba hao). Sena se tla akaretsa
motho ya lekang ho o thetsa kapa ya etsang ditshisinyo tseo o sa di
thabeleng.
- Bala ka dintho tse o sa di utlwisiseng
tse jwalo ka: thobalano, AIDS, hore na bana ba belehwa jwang?, hore ke
eng thobalano, tlhekefetso ya moyeng le mmeleng? O se ke wa tshaba kapa
wa ba le dihlong ho botsa dipotso ka dintho tsena. O ka botsa batswadi
ba hao, matitjhere kapa motho e moholo eo o mo tshepang ka dintho tsena,
kapa o letsetse ba Childline.
Ngwana ya fadimehileng mme a tseba
dintho ke ngwana ya bolokehileng Ithate
- Baballa mmele wa hao, ke wa hao
bophelo ba hao bohle.
- Itlhomphe mme o be o hlomphe batho ba
bang.
- Itlhokomele - o ya kgethehileng .Itshepe
- Ngwanana kapa moshemane, morui kapa
mofutsana, o le motelele kapa o le mo kgutswane - itshepe.
- O se ke wa mamela se sa lokang seo o
se bolellwang ke metswalle ya hao kapa motho e mong. Etsa seo wena o
bonang se o loketse.
- Tseba meedi ya hao mme o hlomphe meedi
ya ba bang.
- Banana le bashemane, itshereletseng
mme le hlokomelane bakeng sa ntho e nepahetseng.
- Ha o ka hlekefetswa, hoo e ke ke ya ba
molato wa hao - batho ba hlekefetsang ba bang ba tla leka ho beha molato
ho wena ka maiteko a ho etsa hore o se ke wa bua le batho ba bang ka
tlhekefetso.
Hopola, ho thibela botlokotsebe
kgahlanong le bana ke boikarabelo ba motho e mong le e mong.
HAEBA O LE PHOFU KAPA O BELAELA HORE
HO NA LE NGWANA YA HLEKEFETSWANG, TSEBISA BA TSHEBELETSO TSA SEPOLESA SA
AFRIKA BORWA:
|